TSOHLE TSEO O LOKELANG
HO DI TSEBA
KA
LEFUBA (TB)
TB E KA THIBELWA
TB e ka phekolwa, ha e ka alashwa e sa qala
Ka ho sebedisa KALAFO E KA
BEHWANG LEIHLO KA HO TOBA
EMPA NTLE LE KALAFO TB E KA BOLAYA
Lefapha la Bophelo bo Botle
NA TB KE ENG?
TB ke lefu le futuhelang matshwafo haholo, empa le ka fumanwa le sethong sefe kapa sefe sa mmele.
Dikokwanahloko tsena di fumaneha sekgohloleng sa batho bao ba nang le TB ya matshwafo.
Dikokwanahloko tsena hangata di senya thishu e bonolo ya matshwafo. Hona ho baka masoba matshwafong, e be ho ba boima ho hema. Motho a ka hohlola madi.
Ha TB e sa alashwe, e ka bolaya.
NA BATHO BA TSHWAETSWA JWANG KE TB?
Ha motho ya nang le TB a hohlola, a thimola kapa a tshwela mathe, dikokwanahloko di hasana moyeng e be di kena mothong e mong ha a hema.
Ka lehlohonolo ha se bohle bao ba tshwaetswang ba tshwarwang ke TB. Hangata dikokwanahloko di kwallwa ka mmeleng e be ha di kgone ho ata.
Le ha ho le jwalo, ha masole a mmele a se a sa kgone ho laola dikokwanahloko tsena, di boela di a tsoha e be motho o tshwarwa ke TB.
Menyetla ya ho tshwaetswa ke TB e eketseha ha masole a mmele a fokotsehile ka baka la:
Mafu a jwalo ka dayabitise le AIDS
Ho nwa jwala haholo
Kgaello ya dijo tse nepahetseng
Ho phela diphaposing tse sa kenyeng moya o foreshe hantle, mme di na le batho ba bangata haholo ka hara tsona.
NA KE AFE MATSHWAO LE DITSHUPO TSA TB?
Ho hohlola bakeng sa nako e ka hodimo ho dibeke tse tharo
Mahlaba sefubeng
Mokgathala le ho fokola mmeleng
Ho se be le takatso kapa ho fellwa ke takatso ya dijo
Ho theoha ha boima ba mmele
Ho fufulelwa bosiu, le ha ho bata
Ho kgohlola
Ha ho na le a mabedi kapa ka hodimo ho moo a matshwao ana ka nako e le nngwe, motho o lokela ho ya fumana thuso tliliniking kapa sepetlele ka potlako ka ho ya ka moo a ka kgonang.
Lefe kapa lefe la matshwao ana a boletsweng mona ka hodimo e ka ba sesupo sa lefu lena.
Dikokwanahloko di fumanwa sekgohloleng ha ho etswa teko laboratoring.
Teko e etsuwang letlalong la bana ke mooki kapa ngaka, le yona e ka ba sesupo.
Ha motho a fumanwe a na le TB, bana bohle ba ka tlasa dilemo tse hlano ba neng ba phela le motho eo, le bona ba tshwanelwa ho hlahlojwa, e le hore ha e be ho hlokeha, le bona ba fumane kalafo. Batho ba baholo ba tshwanelwa ho eletswa ho ya batla thuso ha ba ka hlaha matshwao a TB.
Batho ba bangata ba ikutlwa ba tetebetse maikutlo kapa ba na le dihlong ha ba bolellwa hore ba na le TB. Hantlentle, hona ha ho hlokehe ka ha TB le yona ke lefu le tshwanang le mafu a mang. Le ka tshwara mang kapa mang.
KALAFO YA TB
TB E KA PHEKOLWA KA HO RARAHANA HO HONYENYANE KAPA HO SE NA HO RARAHANA HA LETHO
Le ha ho le jwalo, ho tshwanetswe hore ho qalwe ho sebediswa meriana ka potlako ka ho ya ka moo ho ka kgonehang, mme o nowe kgafetsa ka ho latela ditaelo tseo o di fuweng tliliniking.
Ho nka dikgwedi tse 6 kapa ka hodimo ho moo hore TB e phekolehe ka botlalo, empa dibekeng tse 2 ho qadilwe ka kalafo, motho a ke ke a pheta a hasana lefu leo.
KALAFO E TSHWANELWA HO SEBEDISWA E BE E FELLE.
Ke phoso ho emisa ho nwa meriana ha o se o ikutlwa o le betere.
Ho nka nako e telele ho bolaya dikokwanahloko tsa TB. Ha o ka emisa ka meriana pele ho nako, mme le ka ntle ho taelo ya mooki kapa ngaka, lefu lena le ka boela la kgutla hape.
DIKAMAHANO TSA TB LE HI
Bathong ba nang le boitshireletso ba mmele bo phetseng hantle, ke feela 10% ya bao ba tshwaeditsweng ke TB ba kudiswang ke yona TB eo.
Ke batho ba ka hodimo ho 50% ba tshwaeditsweng ke TB mmoho le HIV ba tla kudiswa ke TB eo pele ba hlokahala.
HIV e eketsa kotsi ya ho tshwarwa ke TB.
Ha se batho bohle ba nang le kokwanahloko ya HIV ba bang le TB.
Ha se batho bohle ba nang le TB ba bang le kokwanahloko ya HIV.
HIV/AIDS e fumaneha haholo merabeng e nang le mathata a ka moo e phelang ka teng ekasitana le a moruo, mme yona merabe ena hape ha ya sireletseha kgahlanong le TB.
NA TB E KA THIBELWA JWANG?
Ho phekola bao ba kudiswang ke TB bakeng sa ho thibela ho hasana ha lefu lena.
Ka ho entisa bana bohle tliliniking ha ba le selemo se le seng boholo.
Ka ho ja dijo tse hahang mmele tse jwalo ka tsena tse latelang:
Nama, tlhapi, mahe, dinawa, lebese, mafi, bohobe bo sootho, poone, meroho le ditholwana.
Jwala bo lokelwa ho qojwa hobane bo fokotsa boitshireletso ba mmele.
Sakarete le yona e baka tshenyo e nngwe hape matshwafong, athe hape e ka baka le lefu la pelo, le kankere ya matshwafo.
Ka ho fumana mahlasedi a letsatsi, moya o foreshe le ho dula tikolohong e hlwekileng.
Bao o ka Iteanyang le bona Diprovenseng mabapi le TB
PROVENSE NOMORO YA MOHALA
Mpumalanga 293-0520
Kapa Leboya 830-0697
Provense ya Leboya 290-9124
Lenane la Basebetsi ba leng Boemong ba Naha:
BOEMO MOHALA
Molaodi wa Lenaneo la Naha la Taolo ya TB 312-0089
Dipehelo le Ho ngola fatshe 312-0109
Tlhokomelo ya Bakudi 312-0100
Mananeo a Mosebetsing 312-0100
Tshehetso 312-0113
Thupelo 312-0101
Ditaba tsa Laboratoring 312-0112
Tsamaiso 312-0108
Lenaneo la Naha la Taolo ya TB
Mohala: 312-0089 / 312-0107
LETSETSA HO 312-0089
THIBELA TB
LENANEO LA NAHA LA TAOLO YA LEFUBA
LEFUBA (TB)
BATSHEHETSI BA KALAFO
Na Lefuba (TB) ke eng?
TB ke lefu le tshwaetsang hape le phekolehang, le futuhelang karolo efe kapa efe ya mmele, empa haholoholo matshwafo.
Dikokwanahloko tsa TB di hasana ha bonolo diphaposing tse nang le batho ba bangata haholo, di sa fumane moya o foreshe kapa mahlasedi a letsatsi.
Moyeng ka marothodi a manyenyane ha motho ya nang le TB a kgohlola kapa a thimola.
Motho e mong a ka tshwaetswa ke TB ka nako eo a hemang marothodi ana.
Na ke afe matshwao le ditshupo tsa TB?
Ho kgohlola bakeng sa nako e ka hodimo ho dibeke tse tharo.
Mahlaba sefubeng.
Mokgathala le mmele o fokolang.
Ho se lakatse dijo.
Ho theoha ha boima ba mmele.
Ho fufulelwa bosiu, le ha ho bata.
Ho kgohlola madi.
Moya o foreshe o fefola dikokwanahloko tsa TB.
Mahlasedi a letsatsi a bolaya dikokwanahloko tsa TB
Ke ka baka lang batho ba bang ba tshwaetswa ke TB ha ba bang bona e sa ba tshwaetse?
Batho ba bang ba tshwaetswa ke TB ha bonolo ho feta ba bang, hobane boitshireletso ba bona ba mmele bo fokola.
Hona ho etsahala ha mmele ya bona e se matla ka tsela e lekaneng bakeng sa ho lwantsha dikokwanahloko tsa TB.
Ho ka bakang kotsi ya TB
Batho ba nang le HIV/AIDS, bao mmele ya bona e seng matla ka tsela e lekaneng bakeng sa ho lwantsha dikokwanahloko tsa TB.
Batho ba nang le mmele e fokolang ha ba matla ka tsela e lekaneng hore ba ka lwantsha dikokwanahloko.
Bofuma.
Ho tlala haholo, matlo le diphaposi tse sa kenyeng moya o foreshe hantle.
Phepo e fokolang.
Ho tsuba.
Ho nwa jwala haholo.
Batho ba nang le mafu a mang a jwalo ka lefu la tswekere (dayabitise).
Na TB ya matshwafo e bonwa jwang?
Ka matshwao a fumanwang ka hlahlobo tsa bongaka.
Ha ho hlahloba sekgohlola ho fumanwa dikokwanahloko tekong tsa laboratoring.
Teko ya letlalo e etswang baneng.
Ho ka etswa X-ray ya sefuba.
Kalafo ya TB e qalwa ka mora ho fumana hore o na le lefu lena, mme e latela ditlhaloso tse behilweng ka ho ya ka lefu la motho ? e ka ba le letjha kapa le boetseng le alashwa hape.
Na kalafo ya TB e qalwa jwang?
Kalafo ya TB e qala ha mooki kapa ngaka e se e tiiseditse hore motho o na le TB.
Ho fanwa ka ditekanyetso tsa kalafo ya TB ha hlano ka beke ka nako eo lefu lena le leng lebe haholo, Mantaha ho isa Labohlano.
Bakeng sa mokgahlelo o tswelang pele, ho ka fanwa ka kalafo ya TB ka makgetlo a mahlano kapa a mararo bekeng.
Na kalafo ya TB e bolokehile bakeng sa motho e mong le e mong?
Basadi ba baimana ba ka nka kalafo ya TB (dipilisi) ka polokeho.
Ditlhabo tsa streptomycin ha di a tshwanelwa ho sebediswa baimaneng kapa bakuding ba dilemong tse ka hodimo ho tse 65.
Ethambutol ha ya tshwanelwa ho fuwa bana ba ka tlase ho dilemo tse 8.
Bakudi ba lokela ho tsebisa mooki tliliniking ha ba le kalafong ya TB hore ho tle ho rerisanwe ka mokgwa o tla sebetsa hantle wa thibelo ya peleho.
Bakudi ba sebedisang dithethefatsi tse ding ba lokela ho tsebisa mooki tliliniking.
Bakudi ba nang le mafu a mang ba lokela ho tsebisa mooki tliliniking ka ona.
Tshwaetso ya HIV le kotsi ya TB
Mothong ya nang le tshwaetso ya kokwanahloko ya TB, HIV ke yona e matlafatsang kgolo ya tshwaetso ya TB hore e be e be lefu.
HIV ke sona sesosa se seholo hape se matla se tsejwang se eketsang monyetla o kotsi wa TB.
Diphetho tsa HIV le tshwaetso ya TB
Motho ya nang le tshwaetso ya HIV o na le menyetla e menahaneng ha leshome ya keketseho ya kotsi ya ho ba le TB ho ena le motho ya se nang tshwaetso eo ya HIV.
Na taolo ya kalafo e etswa jwang ke motshehetsi wa kalafo?
O boloka meriana eo tliliniki e faneng ka ona sebakeng se bolokehileng hape se phodileng.
A sebedise kgaba le pirinki bakeng sa ho fana ka meriana le metsi.
A lebele mokudi ka nako eo a kwenyang dipilisi tsohle tsa hae.
Motshehetsi wa kalafo mmoho le mokudi ba tshwanela ho dumellana ka nako le sebaka se amohelehileng ho bona ba le babedi sa ho fana ka kalafo.
A saene karata ya mokudi nako le nako ha mokudi a nka meriana.
A romele mokudi ya nang le mathata afe kapa afe a bophelo tliliniking.
Na seabo sa motshehetsi wa kalafo ya TB ke sefe?
Ho lebela motho ha a nwa dipilisi tsa hae tsohle.
A romele mokudi hape tliliniking dikgweding tse 2 ho isa ho tse 3 bakeng sa ho ya nkuwa sekgohlola.
Ke ntho ya bohlokwa hore bakudi ba kgutlele tliliniking ka mora mokgahlelo o mobe haholo hore ba ilo hlahloba sekgohlola e le hore ho tle ho fetolwe kalafo. Kalafo e ya e ntse e theoha ha mokudi a ntse a ba betere.
A romele bakudi hape tliliniking kgweding ya ho qetela e etelletseng pele ho fela ha kalafo.
Ke ntho ya bohlokwa hore bakudi ba kgutlele tliliniking ha kalafo e se e fedile ho etsa bonnete ba hore ba phekotswe TB eo ka botlalo.
Na ke seabo sefe seo motshehetsi wa kalafo ya TB a ka bang le sona morabeng wa hao?
Ho sebedisana le merabe ke e nngwe ya ditlhoko tse kgolo tsa mosebetsi wa Taolo ya TB.
Batho ba tshwanelwa ho tsebiswa ka menyetla e ka bang kotsi ho bona le ho ba malapa a bona.
Batho ba tshwanela ho lemoha matshwao a TB ha e sa qala, e be ba batla tlhokomelo ya bongaka nako e sa le teng.
Batho ba tshwanelwa ho tsebiswa ka bohlokwa ba ho latela kalafo jwalo ka ha e laetswe le hore ho tla etsahala eng ha ba sa etse jwalo.
Batho ba nang le TB ba tshwanela ho etsa bonnete ba hore ba malapa a bona ba hlahlojwa bakeng sa TB, mme ha ba fumanwa ba na le yona, ba batle kalafo e tshwanetseng.
Bana ba phetseng hantle ba dilemo tse ka tlase ho tse 5 ba tshwanelwa ho romelwa tliliniking ho ya hlahlojwa.
Batho ba baholo ba lokela ho ya tliliniking ha feela ba kula mme ba na le matshwao kapa ditshupo tsa TB.
Na ke dife dikotsi tsa tshitiso ya kalafo?
Mokudi o lokela ho nka kalafo bakeng sa nako e telele, mme ho qeta kalafo ya TB ke phepetso e kgolo e hlokang maikemisetso.
Bakudi ba TB ba sa qetelleng kalafo ya bona ba ka tshwaetsa batho ba bang.
Bakudi ba TB ba sa qetelleng kalafo ya bona ba ka hlaha TB e hlolang ditlhare tse ngata (multi-drug resistant TB), e leng mofuta o kotsi haholo wa TB.
Bakudi ba lokela ho qala kalafo ya bona ka mokgwa o nepahetseng wa kalafo.
Dintho tse sitisang kalafo di lokelwa ho hlwauwa e be di a latelwa ha morao.
Bakudi ba batjha ba TB ba tshwanetse ho phekoleha kgetlo la pele.
Na ke thuto efe ya bophelo bo botle e buang ka thibelo eo motshehetsi wa kalafo ya TB a ka fanang ka yona mabapi le tshwaetso ya HIV/AIDS?
Ho nena thobalano
Ho tshepahala
Tshebediso ya dikhondomo ka dinako tsohle.
Ho fana ka tsebiso le ho ruta ka Mafu a Tshwaetsang ka Thobalano le dikotsi tsa HIV le Mafu ana ha a sa alashwa.
Ho ruta ka bohlweki.
Ho kgothaletsa boitshwaro bo bolokehileng ba tsa thobalano.
Ke seabo sefe seo motshehetsi wa kalafo a ka bang le sona thibelong ya Lefuba
A tsebe hore TB ke eng, e be o ba le seabo sa bohlokwa thibelong ya TB.
A rute batho ba habo ka TB.
A romele batho ba nang le matshwao a mabedi kapa ka hodimo ho moo a TB tliliniking e haufi.
A eletse batho hore ba kwale melomo ya bona ha ba kgohlola kapa ba thimola.
A tsebise batho hore moya o foreshe o tla fefola dikokwanahloko tsa TB mme ho bula le difenstere le hona ho ka fokotsa ho hasana ha yona.
A tsebise batho hore mahlasedi a letsatsi a ka bolaya dikokwanahloko tsa TB.
A kgothaletse batho ba fumanang kalafo ya TB hore ba nke kalafo kaofela ha yona ho ya fihla qetellong.
A tsebise batho hore TB e a phekoleha ha ba ka latela kalafo yohle ya TB.
A kgothaletse batho ho ba le thobalano e bolokehileng ka ho sebedisa dikhondomo ho thibela mafu a tshwaetsang ka thobalano mmoho le HIV/AIDS.
A tsebise batho hore masea a tshwanela ho fumana moento wa BCG o lwantshang TB.
Bakudi ba ka romelwang kalafong
Ha bana ba dilemo tse ka tlase ho tse 5 ba ile ba kopana le motho ya fumanweng a na le TB.
Ho ya ho mooki wa tliliniking ka bothata bofe kapa bofe.
Batho ba baholo ba nang le matshwao a TB.
Bakudi ba kalafong bakeng sa dikgwedi tse 2 ho isa ho tse 3 hore ho ilo hlahlojwa sekgohlola sa bona.
Bakudi ba leng kalafong kgweding ya ho qetela ya kalafo eo ho hlahlojwang sekgohlola ho yona.
Bao o ka Iteanyang le bona Diprovenseng mabapi le TB
PROVENSE NOMORO YA MOHALA
Mpumalanga 293-0520
Kapa Leboya 830-0697
Provense ya Leboya 290-9124
Lenane la Basebetsi ba leng Boemong ba Naha:
BOEMO MOHALA
Molaodi wa Lenaneo la Naha la Taolo ya TB 312-0089
Dipehelo le Ho ngola fatshe 312-0109
Tlhokomelo ya Bakudi 312-0100
Mananeo a Mosebetsing 312-0100
Tshehetso 312-0113
Thupelo 312-0101
Ditaba tsa Laboratoring 312-0112
Tsamaiso 312-0108
Lenaneo la Naha la Taolo ya TB
Mohala: 312-0089 / 312-0107
